Lesotho
This article was added by the user . TheWorldNews is not responsible for the content of the platform.

Bahoebi ba litapole ba lla ka tlhokahalo ea ‘maraka

By ‘Mamohaila Rampo

MASERU

Bahoebi ka litapole semonkong ba tletleba ka tlhokahalo ea ‘maraka kaha ba hlahisa tapole ka bongata hoo ebileng e senyehang.

Sena se tla kamor’a hore Letlole la Likhoebo tse Ikemetseng Lesotho (PSF) le epe pitso ho memela baqolotsi le baphatlalatsi ba litaba ho ea tsoela bahoebi ba litapole khomo.

Mookameli ea ka Sehlohong ho hlaha PSF Monghali Thabo Qhesi o ipilelitse ho sechaba, habolo litsi tsa bophatlalatsi, hore se letse phala ho kopela bahoebi ba litapole tšehetso kaha ba bonahala ba salletse morao ntlheng tsa ntlafatso le limmaraka. A re mobu oa Semonkong o matlafetse ebile o motle haholo tlhahisong ea litapole, kaha bahoebi bao ba hlahisa litapole tsa boleng.

Puisanong le bahlahise ba litapole, Monghali Senna Ntai o boletse ha ba na le taemane e kholo ka hara Semonko empa a re ha e ba tsoele molemo. Ralefa Motsitsi eena o itse mobu oa bona o nepahetse bakeng sa litapole kaha tapole tsa bona li hloka le mafu a mongata kahona chai ea bona e ba ntle. Motsitsi o tsetse-pele ho bontša hore ha ba hloke monontša o mongata o rekoang kaha ba ntse ba itšebelisetsa moiteli fela nakong ea temo ea litapole. Le ha ho le joalo, le eena o bontšitse ha leruo leo la bona le sa ba tsoele molemo ka letho.

Setho sa mokhatlo oa Tapole ke Letlotlo, Monghali Molefi Mohapi, e le mohlahisi oa peo ea litapole, o bontšitse ha litjeo tsa tlhahiso li phahame haholo, kaha eena le bo-mphato oa hae ba reka lipeo tsa boleng bo katlase naheng ea boahelani ebe ba itlhahisetsa ea boemo bo holimo. Empa a  phakisa hore e ba masisa-pelo kaha ba ntse ba sokola ‘maraka kamor’a mosebetsi oo o ba jang ka pokothong.

Bahoebi bana ba tobane le liqholotso tse boima, kaha lihlahisoa tsa bona li sa thole bareki hang hang, le ka lebaka la likhohola tse matla, litapole tsa bona li ile tsa hoholoa ke metsi masimong. 

Basali le bona ba ikakhetse ka setotsoana tlhahisong ea litapole, pusisanong le emong oa basali bana, eo e leng setho sa mokhatlong oa Tapole Lesotho Mofumahali ‘Maikaneng Pokela o itse engoe ea liqholotso ke tlhokahalo ea lisebelisoa tse nepahetseng tsa masimong.

“Nakong ea kotulo re sebelisa mehoma e kotulang, ebe e khatha litapole hoo liseng li ka senyeha bakeng sa ho rekisoa, ka nepo re ne re hloka mochini o nepahetseng bakeng sa kotulo ea litapole empa litjeo tsa ona li phahame haholo. E se eka ‘muso o ka thusana,” hocho Pokela.

Tapole ena ea Semonkong e phutheloa entse eso hlatsuoe entse ele mobu empa litapole tse tsoang kantle ho naha tsona li rekisoa li hloekile, Pokela o re ke hobane litapole li hloka likh’emikh’ale tse etsang hore li seke tsa bola kapele ha li hlatsuoa.

Tlhohakaholo e ‘ngoe ke ea setoro se bolokehileng moo litapole li tla behoa teng. Pokela o bontšitse ha litapole tsa bona ba li beha ka matlung fela moo li qetellang li bola, empa tapole e hloka tlhokomelo e matla hore e fihle ho moji e ntse e le maemong a matle, e le monate.