Lesotho
This article was added by the user . TheWorldNews is not responsible for the content of the platform.

US Embassy e fana ka moaho sekolong sa Maputsoe

By Alina Mabe

LERIBE – Puisanong le mosuoe hlooho oa sekolo sa mathomo sa Maputsoe, mongahali Pitso, o itse sekolo se bile le bothata ba nako e telele kaha ho ne ho ena le leqeme la tlhokahalo ea lihlopha tse rutelang sekolong sena.

Monghali Pitso o tsoelletse pele ka ho leboha US Embassy ka mo e ileng ea itella sekolo ‘me ea thusa hohle ka mo e khonang ho ba ahela lihlopha. O hlalositse ha barutoana ba ne ba eketseha selemo le selemo joale bothata e le tlhokahalo ea lihlopha ‘me a sitoa ho amolela bana ba bangata. A bonts’a hore ho tloha selemo se tlang e le sekolo ba tlo qalella ho amohela bana ka palo e ngata, haholo kaha lihlopha tse rutelang se li le teng ‘me li ka anela barutoana ba bangata.

Ho ea ka ntate Pitso lihlopha li qalelletsoe ho hauoa ka 2020 ‘me ho ne ho lebelletsoe hore e tla ba ntho ea nakoana empa ka lebaka la seoa sa Covid-19 e ne e le hona meaho e qetoang selemong sa ho feta e leng 2022 ka khoeli ea Phuptjane.

Ke ka Labohlano selemong se holimo ha Ambassador Brewer a ne a nka karolo moo ho neng ho buloa meaho ea sekolo sa Maputsoe sa mathomo ka molao seterekeng sa Leribe. Moketjana o ne o ts’ehelitsoe ke ‘muso oa naha ea Lesotho ka botlalo e ikopantse le mokhatlo oa US, tseo ka tsona li tlisitseng nchafatso ea sebaka sa boithuto ba barutoana le le sebaka se nepahetseng sa ho phehela le ho boloka lijo.

Sena se entsoe joalo molemong oa ho thusa Basotho ka kotloloho baahi ba Leribe ka bophara hore ba atlehe le barutoana ba sebetse hantle kantle ho tsetiso ea letho.  

E mong oa baahi sebakeng seo sa Maputsoe ebile ele mosuoe sekolong seo, leha a sa ka a rata ha lebitso la hae le hlahella koranteng, o hlalositse ha a le motlotlo ha e le mona ba ahetsoe lihlopha moo ba tlang ho ba rutela teng. A tsoella pele ka hore ho ne ho le boima haholo ho kenela lihlopha kantle le barutoana le ka nako tse mpe tsa pula le likhohola. O boetse a hlahisa ntlha ea holo, a bolela kaha ele tlhoko e kholo haholo sekolong seo bakeng sa ha hona le mekete ea sekolo e kaba memo ea batsoali le e meng.

Ho latela litlaleho tsa moahi le mosuoe hlooho oa sekolo, sechaba sa Maputsoe kapa sa Leribe ka kotloloho se ka una molemo oa meaho eo kaha ba bang ba bona ba ena le bana ba kenang sekolo seo sa mathomo. Batsoali ba bangata batla ba le monyetla oa ho isa bana sekolong sa mathomo sa Maputsoe hape bana ba motseng moo ba tla ba le monyetla oa ho kena sekolo haufi ele ho fokotsa litjeo tsa hoea hole.

Khaho ena ea lihlopha le polokelo ea lijo e ka boela ea thusa bo ‘m’e ba motse oa Maputsoe ho fumana mosebetsi oa ho phehela bana ba sekolo seo ka tinare kaha barutoana ba le bangata moo ‘me ho sa hlokahale hore ba itlele lijo ho tsoa hae.

Post navigation